Moetlo - Seqoma
Seqoma ke ngwana ya tswalwang a hlahlama ya seng a hlokahetse.
E re ka ha mabitso a bana ba Basotho a na le moelelo, ngwana eo e leng seqoma o rehwa mabitso a kang:
Bashemane
- Tshediso
- Ntja
- Malefetsane
Banana
- Matshediso
- Mantja
Ha ngwana a se a hodile, o lokela ho tloswa seqoma ke malome.
Ho hlajuwa nku mme ho ntshuwe nyooko ya teng, eba ngwana wa seqoma o hlapa ka metsi a tswakantsweng le nyooko hona mantsiboya jwalo. Hoseng ka meso, o boela a hlape ka metsi a tswakantsweng le lekgala mme o kutwa moriri.